BIBELE e Halalelang

Numere 11:8-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. setjhaba se ne se qhalana, se tle se e thonake; ba ne ba e sila ka malwala, kapa ba e tula ka boloko; ba ne ba e pheha dipitseng, kapa ba ne ba etsa dinkgwa ka yona; ka hanong e ne e utlwahala jwaloka senkgwa se dubilweng ka ole.

9. Ha phoka e ne e theohela hodima diahelo bosiu, manna le yona e ne e theohela hodima tsona.

10. Jwale Moshe a utlwa setjhaba se lla ka matlung wohle a sona, e mong le e mong monyako wa tente ya hae. Le yona kgalefo ya Jehova ya tuka hampe. Yaba Moshe o a hlabeha.

11. Moshe a re ho Jehova: A ke ka baka lang o swabisang mohlanka wa hao na? Ke ba baka lang ha ke sa ka ka fumana mohau pela mahlo a hao, haele moo o ntjarisitse phahlo ya setjhaba sena kaofela?

12. A hleka ke nna ke emotseng setjhaba sena sohle na? A ke nna ke se tswetseng, ha o tla re: Se jare ka sefubeng sa hao, jwaloka moanyesi ha a jara ngwana ya anyang, se be se fihle naheng eo o hlapanyeditseng bontata sona hoba o tla se nea yona na?

13. Na ke tla nka kae nama, ke tle ke fe setjhaba sena sohle; hobane bohle ba itelela ho nna, ba re: Re fe nama, re tle re je!

14. Nna ke nnotshi, ke sitwa ho jara setjhaba sena kaofela, hobane se nkimela ruri.

15. Ha ekaba o nketsa jwalo, oho, ke a o rapela, o mpolaye, ha ekaba ke fumane mohau pela hao; e, o mpolaye, ke tle ke se ke ka bona bomadimabe ba ka!

16. Yaba Jehova o re ho Moshe: Mphuthele banna ba mashome a supileng ba baholo ba Iseraele, bao o ba tsebang hoba ke baholo ba setjhaba le ba nang le matla hodima sona; o ba tlise pela tente ya pokano, hore ba tle ba itlhahise le wena teng.