BIBELE e Halalelang

Numere 11:31-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. Jehova a fokisa moya o tlisang dikwekwe tse tswang ka nqa lewatleng, wa di dihela fatshe pela diahelo, sebaka se ka bang sa leeto la letsatsi le le leng ka nqa e nngwe, le sebaka sa leeto la letsatsi le le leng ka nqa e nngwe hape, ka nqa tsohle ho diahelo. Ho teteana ha tsona, ho tloha fatshe, e ne e batla e le ditswe tse pedi.

32. Setjhaba sa ema, tsatsi leo lohle, le bosiu bohle, le letsatsi lohle la hosasane, se ntse se bokella dikwekwe; eo ho neng ho thwe, o di bokeletse hanyenyane, o ne a na le dihomere tse leshome tsa tsona. Ba di aneha ka nqa tsohle ho diahelo.

33. Empa nama ha e sa ntse e le menong a bona, e eso ho hlafunwe, kgalefo ya Jehova ya tukela setjhaba, mme Jehova a otla setjhaba ka kotsi e kgolo haholo.

34. Nqalo eo ya rewa lebitso la Kibrothe-Hattaava (phupu ya boshwata), kahobane ke moo ho ileng ha epelwa batho ba hapilweng ke boshwata.

35. Setjhaba sa tloha Kibrothe-Hattaava, sa tla Hatserothe, mme sa emisa Hatserothe.