BIBELE e Halalelang

Numere 11:27-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Yaba mohlankana e mong o titima, a bolella Moshe, a re: BoEldade le Medade ba porofeta diahelong.

28. Joshua, mora Nune, e neng e le mohlanka wa Moshe haesale botjheng ba hae, a bua, a re: Morenaka, Moshe, ba thibele!

29. Moshe a re: Na o a mpoulella na? O! hoja setjhaba kaofela sa Jehova se ka fela sa porofeta, mme Jehova a bea moya wa hae hodima bona!

30. Mme Moshe a tloha, a ya diahelong, yena le baholo ba Iseraele.

31. Jehova a fokisa moya o tlisang dikwekwe tse tswang ka nqa lewatleng, wa di dihela fatshe pela diahelo, sebaka se ka bang sa leeto la letsatsi le le leng ka nqa e nngwe, le sebaka sa leeto la letsatsi le le leng ka nqa e nngwe hape, ka nqa tsohle ho diahelo. Ho teteana ha tsona, ho tloha fatshe, e ne e batla e le ditswe tse pedi.

32. Setjhaba sa ema, tsatsi leo lohle, le bosiu bohle, le letsatsi lohle la hosasane, se ntse se bokella dikwekwe; eo ho neng ho thwe, o di bokeletse hanyenyane, o ne a na le dihomere tse leshome tsa tsona. Ba di aneha ka nqa tsohle ho diahelo.

33. Empa nama ha e sa ntse e le menong a bona, e eso ho hlafunwe, kgalefo ya Jehova ya tukela setjhaba, mme Jehova a otla setjhaba ka kotsi e kgolo haholo.