BIBELE e Halalelang

Numere 11:19-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Jehova o tla le nea nama, mme le tla e ja; le tla e ja, e seng ka tsatsi le le leng, leha e le ka matsatsi a mabedi, leha e le ka matsatsi a mahlano, leha e le ka matsatsi a leshome, leha e le ka matsatsi a mashome a mabedi;

20. tjhe, empa e tla ba ka kgwedi e tletseng, ho fihlela ha nama e etswa dinkong tsa lona, mme e nyekisa dipelo tsa lona; hobane le lahlile Jehova ya leng hara lona, la lla pela hae, la re: A ke ka baka lang ha re tswile Egepeta?

21. Moshe a re: Setjhabeng seo ke leng hara sona, ho na le banna ba dikete tse makgolo a tsheletseng, mme o re: Ke tla ba fa nama, mme ba tla e ja ka kgwedi e tletseng.

22. Na ba tla hlabelwa manku le makgomo, hore a ba lekane na? Na ba tla bokellelwa dihlapi tsohle tsa lewatle hore di ba lekane na?

23. Jehova a re ho Moshe: A letsoho la Jehova le honyeditswe na? Jwale o tla bona hore na lentswe la ka ho wena le tla etsahala, kapa tjhe.

24. Yaba Moshe o a tswa, a phetela setjhaba mantswe a Jehova; a kgetha ho baholo ba setjhaba banna ba mashome a supileng, mme a ba emisa ba teela tente hare.

25. Jehova a theoha lerung, a bua le yena, a nka moyeng o leng hodima Moshe, a o bea hodima baholo ba mashome a supileng. Eitse hobane moya o dule hodima bona, hang ba hla ba porofeta; empa ba se ke ba hlola ba pheta.

26. Ho ne ho setse banna ba babedi diahelong, lebitso la e mong e le Eldade, la e mong e le Medade, mme moya wa dula hodima bona; leha e ne e le ba kgethilweng, ba ne ba sa ka ba ya tenteng; mme ba porofeta diahelong.

27. Yaba mohlankana e mong o titima, a bolella Moshe, a re: BoEldade le Medade ba porofeta diahelong.

28. Joshua, mora Nune, e neng e le mohlanka wa Moshe haesale botjheng ba hae, a bua, a re: Morenaka, Moshe, ba thibele!

29. Moshe a re: Na o a mpoulella na? O! hoja setjhaba kaofela sa Jehova se ka fela sa porofeta, mme Jehova a bea moya wa hae hodima bona!

30. Mme Moshe a tloha, a ya diahelong, yena le baholo ba Iseraele.