BIBELE e Halalelang

Numere 11:15-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ha ekaba o nketsa jwalo, oho, ke a o rapela, o mpolaye, ha ekaba ke fumane mohau pela hao; e, o mpolaye, ke tle ke se ke ka bona bomadimabe ba ka!

16. Yaba Jehova o re ho Moshe: Mphuthele banna ba mashome a supileng ba baholo ba Iseraele, bao o ba tsebang hoba ke baholo ba setjhaba le ba nang le matla hodima sona; o ba tlise pela tente ya pokano, hore ba tle ba itlhahise le wena teng.

17. Ke tla theoha, ke bue le wena teng; ke tla nka moyeng o hodima hao, mme ke tla o bea hodima bona; ba tla jara le wena phahlo ya setjhaba, mme ha o sa tla e jara o nnotshi.

18. Haele setjhaba, e re ho sona: Le itlhwekisetse letsatsi la hosasane, le tle le je nama, hobane le kile la lla ditsebeng tsa Jehova, la re: Ke mang ya tla re jesa nama, athe re ne re iketla Egepeta?

19. Jehova o tla le nea nama, mme le tla e ja; le tla e ja, e seng ka tsatsi le le leng, leha e le ka matsatsi a mabedi, leha e le ka matsatsi a mahlano, leha e le ka matsatsi a leshome, leha e le ka matsatsi a mashome a mabedi;

20. tjhe, empa e tla ba ka kgwedi e tletseng, ho fihlela ha nama e etswa dinkong tsa lona, mme e nyekisa dipelo tsa lona; hobane le lahlile Jehova ya leng hara lona, la lla pela hae, la re: A ke ka baka lang ha re tswile Egepeta?

21. Moshe a re: Setjhabeng seo ke leng hara sona, ho na le banna ba dikete tse makgolo a tsheletseng, mme o re: Ke tla ba fa nama, mme ba tla e ja ka kgwedi e tletseng.

22. Na ba tla hlabelwa manku le makgomo, hore a ba lekane na? Na ba tla bokellelwa dihlapi tsohle tsa lewatle hore di ba lekane na?

23. Jehova a re ho Moshe: A letsoho la Jehova le honyeditswe na? Jwale o tla bona hore na lentswe la ka ho wena le tla etsahala, kapa tjhe.