BIBELE e Halalelang

Numere 11:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Setjhaba sa korotla, mme ha eba hobe ditsebeng tsa Jehova; Jehova a utlwa, mme kgalefo ya hae ya tuka; mollo wa Jehova wa tuka hara bona, wa qeta karolo ya diahelo e kamorao.

2. Yaba setjhaba se howeletsa ho Moshe, mme Moshe a rapela Jehova, mme mollo wa tima.

3. Yaba sebaka seo se rewa lebitso la Tabeera, kahobane mollo wa Jehova o ne o tukile hara bona.

4. Le bona baditjhaba ba leng hara bona ba tshwarwa ke boshwata; esita le bona bana ba Iseraele ba boela ba lla, ba re:

5. Ke mang ya tla re fa nama, re je? Re sa hopotse dihlapi tseo re neng re di ja Egepeta re sa di reke, le dikomkomere, le mahapu, le sholoto, le dieie, le sofothafotha;

6. mme jwale, meya ya rona e omeletse; ha ho sa le letho; mahlo a rona a se a bona manna feela.

7. Manna e ne e ka hlaku ya koriandere, mme ka mmala e ne e tshwana le badela;

8. setjhaba se ne se qhalana, se tle se e thonake; ba ne ba e sila ka malwala, kapa ba e tula ka boloko; ba ne ba e pheha dipitseng, kapa ba ne ba etsa dinkgwa ka yona; ka hanong e ne e utlwahala jwaloka senkgwa se dubilweng ka ole.

9. Ha phoka e ne e theohela hodima diahelo bosiu, manna le yona e ne e theohela hodima tsona.

10. Jwale Moshe a utlwa setjhaba se lla ka matlung wohle a sona, e mong le e mong monyako wa tente ya hae. Le yona kgalefo ya Jehova ya tuka hampe. Yaba Moshe o a hlabeha.

11. Moshe a re ho Jehova: A ke ka baka lang o swabisang mohlanka wa hao na? Ke ba baka lang ha ke sa ka ka fumana mohau pela mahlo a hao, haele moo o ntjarisitse phahlo ya setjhaba sena kaofela?