BIBELE e Halalelang

Numere 10:20-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. lekgotla la leloko la bana ba Gade le ne le laolwa ke Eliasafe, mora Deuele.

21. Bakehathe ba tloha le bona, ba jere dintho tse kgethehileng; mme ho ne ho emiswa tabernakele, ba ntse ba lebeletswe ho fihla.

22. Yaba folaga ya ntlo ya bana ba Efraime e a tloha; ba tloha ka makgotla a bona; lekgotla la Efraime le ne le laolwa ke Elishama, mora Ammihude;

23. lekgotla la leloko la bana ba Manasse le ne le laolwa ke Gamaliele, mora Pedahtsure;

24. lekgotla la leloko la bana ba Benjamine le ne le laolwa ke Abidane, mora Gideoni.

25. Yaba ho tloha folaga ya ntlo ya bana ba Dane; ba tloha ka makgotla a bona, e le serao sa makgotla kaofela; lekgotla la bona le ne le laolwa ke Akiesere, mora Ammishaddai;

26. lekgotla la leloko la bana ba Asere le ne le laolwa ke Pagiele, mora Okrane;

27. lekgotla la leloko la bana ba Nefthali le ne le laolwa ke Akira, mora Enane.

28. Ke lona lenaneo leo bana ba Iseraele ba tsamaileng ka lona, ka makgotla a bona; ba tloha jwalo.

29. Moshe a re ho Hobabe mora Reuele, Momidiane, mohwehadi wa Moshe: Re a tloha, re ya sebakeng seo Jehova a itseng: Ke tla le nea sona. Tloo le rona; re tla o etsa hantle; hobane Jehova o itse o tla etsa Iseraele hantle.

30. A mo arapa, a re: Nke ke ka ya, empa ke tla kgutlela lefatsheng la heso, le ho banabeso.

31. Mme Moshe a re: Ke a o rapela, o se ke wa re tlohela, hobane o tseba moo re tla emisa teng feelleng, mme o tla ba mahlo a rona.

32. Ha o etla le rona, molemo ofe le ofe oo Jehova a tla re etsetsa wona, le rona re tla o etsetsa wona.

33. Ba tloha thabeng ya Jehova; ba tsamaya ka matsatsi a mararo; mme areka ya selekane sa Jehova ya ba etella pele sebaka sa matsatsi a mararo, e ba batlele moo ba tla phomola teng.

34. Enere ha ba tloha moo ba neng ba emisitse teng, leru la Jehova le ne le le hodima bona motshehare.

35. Ha areka e ne e tloha, Moshe o ne a re: Raoha, Jehova; dira tsa hao a di ke di qhalwe! mme ba o hloileng, a ba ke ba balehe pela sefahleho sa hao!

36. Mme ha areka e ne e ema, o ne a re: Jehova, kgutlela diketeketeng tsa dikete tsa Iseraele!