BIBELE e Halalelang

Numere 10:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Jehova o bua le Moshe, a re:

2. O iketsetse diterompeta tse pedi tsa silefera. O di etse ka silefera e teilweng. Di tla o thusa ho mema phutheho le ho laela makgotla hore a tlohe.

3. Etlare ha di letswa, phutheho yohle e tla bokana ho wena monyako wa tente ya pokano.

4. Ha ho letswa e le nngwe feela, marena, e leng dihlooho tsa dikete tsa Iseraele, a tla phuthehela ho wena.

5. Etlare ha le di letsa haholo, makgotla a ka nqa botjhabela a tla tloha.

6. Etlare ha le boela le di letsa haholo la bobedi, makgotla a ka nqa borwa a tla tloha; di tla letswa haholo hore makgotla a tlohe.

7. Etlare ha le mema phutheho, le tla di letsa, empa e seng ka modumo o moholo.

8. Bara ba Aarone, baprista, ba tla letsa diterompeta; ke taelo e sa feleng ho lona le ho meloko ya lona.

9. Etlare ha le eya ntweng fatsheng la lona, le ya lwantsha dira tse le qalang, le tla letsa diterompeta haholo, mme le tla hopolwa pela Jehova, Modimo wa lona, mme le tla namolelwa matsohong a dira tsa lona.

10. Matsatsing a lona a ho thaba, mohla mekete ya lona, le thwasong ya dikgwedi tsa lona, le tla letsa diterompeta, le ntse le hlahisa ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona a teboho, mme le tla hopolwa jwalo pela Modimo wa lona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

11. Ka tsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya bobedi, ka selemo sa bobedi, leru la phahama, la tloha tabernakeleng ya bopaki;

12. bana ba Iseraele ba tloha lefeelleng la Sinai, ka lenaneo la ho tsamaya leo ba neng ba le laetswe; mme leru la ema lefeelleng la Parane.