BIBELE e Halalelang

Numere 1:51-54 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

51. Etlere ha tabernakele e tloha, Balevi ba e thakgolle, mme etlere ha tabernakele e ema, Balevi ba e hlome; empa moditjhaba ya e atamelang, o tla bolawa.

52. Bana ba Iseraele ba tla emisa ka makgotla a bona, e mong le e mong sebakeng sa hae, haufi le folaga ya habo.

53. Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki.

54. Bana ba Iseraele ba etsa tsohle kamoo Jehova a di laetseng Moshe kateng; ba fela ba etsa jwalo.