BIBELE e Halalelang

Numere 1:21-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Ba ngotsweng ba leloko la Rubene ya eba dikete tse mashome a mane a metso e tsheletseng, tse nang le makgolo a mahlano.

22. Ho bara ba Simeone, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a ba batona bohle ka bonngwe, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho isa ho ba fetang moo, banna bohle ba ka yang ntweng.

23. Ba ngotsweng ba Simeone ya eba dikete tse mashome e mahlano a metso e robileng mono o le mong, tse nang le makgolo a mararo.

24. Ho bara ba Gade, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.

25. Ba ngotsweng ba leloko la Gade ya eba dikete tse mashome a mane a metso e mehlano, tse nang le makgolo a tsheletseng a nang le mashome a mahlano.

26. Ho bara ba Juda, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.

27. Ba ngotsweng ba leloko la Juda ya eba dikete tse mashome a supileng a metso e mene, tse nang le makgolo a tsheletseng.

28. Ho bara ba Issaskare, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.

29. Ba ngotsweng ba leloko la Issaskare ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e mene, tse nang le makgolo a mane.

30. Ho bara ba Sabulone, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.