BIBELE e Halalelang

Numere 1:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka selemo sa bobedi sa ho tloha ha bona lefatsheng la Egepeta, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, Jehova a bua le Moshe, lefeelleng la Sinai, ka tenteng ya pokano, a re:

2. Balang phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona; o ngole ka bonngwe mabitso a ba batona bohle, e leng a Baiseraele bohle ba ka yang ntweng,

3. ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo; wena le Aarone, le tle le bale palo eo ka makgotla a bona; mme le ikgethele monna lelokong le leng le le leng, eo e leng yena hlooho ya ntlo ya bontatae.

5. Ke ana mabitso a banna ba tlang ho le thusa: Lelokong la Rubene, ke Elitsure, mora Shedeure;

6. ho la Simeone, Shelumiele, mora Tsurishaddai;

7. ho la Juda, Nasone, mora Amminadabe;

8. ho la Issaskare, Nethaneele, mora Tsuare;

9. ho la Sabulone, Eliabe, mora Helone;

10. melokong ya bara ba Josefa: ho la Efraime, Elishama, mora Ammihude; ho la Manasse, Gamaliele, mora Pedahtsure;

11. ho la Benjamine, Abidane, mora Gideoni;

12. ho la Dane, Akiesere, mora Ammishaddai;

13. ho la Asere, Pagiele, mora Okrane;

14. ho la Gade, Eliasafe, mora Deuele;