BIBELE e Halalelang

Nehemia 9:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi eo, bana ba Iseraele ba phuthehela ho itima dijo, ba apere masela a mahwashe, ba ithuntsheditse dihlooho ka lerole.

2. Ba mofuta wa Iseraele ba ikgetha ho bana bohle ba baditjhaba, mme ba itlhahisa pela Modimo, ba ipolela dibe tsa bona, le makgopo a bontata bona.

3. Ba ema ditulong tsa bona, mme ha balwa bukeng ya molao wa Jehova, Modimo wa bona, ka karolo e nngwe ya bone ya letsatsi; ka e nngwe ya bone ba hlahisa meipolelo ya bona, mme ba kgumama pela Jehova, Modimo wa bona.

4. Yaba Joshua, Bani, Kadmiele, Shebania, Bunni, Sherebia, Bani, le Kenani, ba ema sethaleng sa Balevi, ba howeletsa ho Jehova, Modimo wa bona, ka mantswe a phahameng.

5. Balevi, Joshua, Kadmiele, Bani, Hashabnia, Sherebia, Hodia, Shebania, le Pethahia, ba re: Emang, le boke Jehova, Modimo wa lona, ka ho sa feleng le ka ho sa feleng! Ho bokwe lebitso la hao le kganyang, mme le phahamiswe ho feta dipoko tsohle le dithoko tsohle!

6. Ke wena Jehova o nnotshi; ke wena ya entseng mahodimo, mahodimo a mahodimo le makgotla wohle a wona, lefatshe le tsohle tse ho lona, mawatle le tsohle tse ho wona; ke wena ya phedisang ntho tseo tsohle; makgotla a mahodimo a ntse a kgumama pela hao.

7. Ke wena Jehova, Modimo o neng o kgethe Abrahama; wa mo falatsa Ure ya Bakalde, wa mo rea lebitso la Abrahama.

8. Wa mo fumana a ena le pelo e tshephehang pela hao, mme wa etsa selekane le yena sa ho mo nea lefatshe la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Bajebuse, le la Bagirgashe, hore o tle o le nee ditloholo tsa hae; o fela o phethile lentswe la hao, etswe o le ya lokileng.

9. O ne a bone mahlomola a bontata rona ha ba le Egepeta, mme wa utlwa mehoweletso ya bona ha ba le pela Lewatle le Lefubedu,