BIBELE e Halalelang

Nehemia 7:68-73 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

68. Hape, ba ne ba na le dipere tse makgolo a supileng a mashome a mararo a metso e tsheletseng, le dimulete tse makgolo a mabedi a mashome a mane a metso e mehlano,

69. le dikamele tse makgolo a mane a mashome a mararo a metso e mehlano, le diesele tse dikete tse tsheletseng tse nang le makgolo a supileng a mashome a mabedi.

70. Ba bang ba dihlooho tsa matlo a bontata bona ba ntshetsa mosebetsi dimpho. Mmusisi yena a ntshetsa bobolokelo sekete sa didarike tsa kgauta, le merifi e mashome a mahlano, le diaparo tsa baprista tse makgolo a mahlano a mashome a mararo.

71. Ho dihlooho tsa matlo a bontata bona, ba bang ba ntshetsa bobolokelo ba tjhelete tsa mosebetsi didarike tsa kgauta tse dikete tse mashome a mabedi, le dimina tsa silefera tse kete tse pedi tse nang le makgolo a mabedi.

72. Se kileng sa ntshwa ke ba bang ba setjhaba ke didarike tsa kgauta tse dikete tse mashome a mabedi, le dimina tsa silefera tse kete tse pedi, le diaparo tsa baprista tse mashome a tsheletseng a metso e supileng.

73. Jwale baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le bao e leng batho feela, le Banethinime, le Baiseraele bohle, ba aha metseng ya bona.Eitse ha ho thwasa kgwedi ya bosupa, bana ba Iseraele ba ne ba se ba le metseng ya bona.