BIBELE e Halalelang

Nehemia 7:61-72 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

61. Ba bang ke ba tlohileng Thele-Melha, le Thele-Harsha, le Kerub-Addone, le Immere, ba mpa ba sitwa ho supa matlo a bontata bona, le lesika la bona le pakang hore ke Baiseraele:

62. Ke bana ba Delaia, le bana ba Tobia, le bana ba Nekoda ba makgolo a tsheletseng a mashome a mane a metso e mmedi.

63. Hape, baneng ba baprista, ya eba bana ba Hobaia, le bana ba Hakkotse, le bana ba Barsillai bao ntata bona a neng a nyetse e mong wa baradi ba Barsillai Mogileade, a bile a rewa lebitso la habo bona.

64. Bano ba kile ba batla mangolo a mabitso a bona mangolong a masika, ba mpa ba se ke ba a fumana; ba balwa ke hona e le ba sa hlwekang, mme ba ntshwa bopristeng.

65. Mmusisi a ba bolella hore ba se no ya ntho tse halalelang, ho be ho hlahe moprista ya ka emang pela Modimo a tshwere Urime le Thummime.

66. Phutheho kaofela, ha e balwa hammoho, ya etsa dikete tse mashome a mane a metso e mmedi tse nang le makgolo a mararo a mashome a tsheletseng,

67. kantle ho makgoba a bona a banna le a basadi a neng a etsa dikete tse supileng tse nang le makgolo a mararo a mashome a mararo a metso e supileng; ba makgolo a mabedi a mashome a mane a metso e mahlano ba bona e ne e le dibini tsa banna le tsa basadi.

68. Hape, ba ne ba na le dipere tse makgolo a supileng a mashome a mararo a metso e tsheletseng, le dimulete tse makgolo a mabedi a mashome a mane a metso e mehlano,

69. le dikamele tse makgolo a mane a mashome a mararo a metso e mehlano, le diesele tse dikete tse tsheletseng tse nang le makgolo a supileng a mashome a mabedi.

70. Ba bang ba dihlooho tsa matlo a bontata bona ba ntshetsa mosebetsi dimpho. Mmusisi yena a ntshetsa bobolokelo sekete sa didarike tsa kgauta, le merifi e mashome a mahlano, le diaparo tsa baprista tse makgolo a mahlano a mashome a mararo.

71. Ho dihlooho tsa matlo a bontata bona, ba bang ba ntshetsa bobolokelo ba tjhelete tsa mosebetsi didarike tsa kgauta tse dikete tse mashome a mabedi, le dimina tsa silefera tse kete tse pedi tse nang le makgolo a mabedi.

72. Se kileng sa ntshwa ke ba bang ba setjhaba ke didarike tsa kgauta tse dikete tse mashome a mabedi, le dimina tsa silefera tse kete tse pedi, le diaparo tsa baprista tse mashome a tsheletseng a metso e supileng.