BIBELE e Halalelang

Nehemia 7:59-66 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

59. bana ba Shefathia, bana ba Hatthile, bana ba Pokerethe-Hatsebaime, le bana ba Amone.

60. Kaofela ha Banethinime le bana ba bafo ba Salomone ya eba makgolo a mararo a mashome a robileng mono o le mong a metso e mmedi.

61. Ba bang ke ba tlohileng Thele-Melha, le Thele-Harsha, le Kerub-Addone, le Immere, ba mpa ba sitwa ho supa matlo a bontata bona, le lesika la bona le pakang hore ke Baiseraele:

62. Ke bana ba Delaia, le bana ba Tobia, le bana ba Nekoda ba makgolo a tsheletseng a mashome a mane a metso e mmedi.

63. Hape, baneng ba baprista, ya eba bana ba Hobaia, le bana ba Hakkotse, le bana ba Barsillai bao ntata bona a neng a nyetse e mong wa baradi ba Barsillai Mogileade, a bile a rewa lebitso la habo bona.

64. Bano ba kile ba batla mangolo a mabitso a bona mangolong a masika, ba mpa ba se ke ba a fumana; ba balwa ke hona e le ba sa hlwekang, mme ba ntshwa bopristeng.

65. Mmusisi a ba bolella hore ba se no ya ntho tse halalelang, ho be ho hlahe moprista ya ka emang pela Modimo a tshwere Urime le Thummime.

66. Phutheho kaofela, ha e balwa hammoho, ya etsa dikete tse mashome a mane a metso e mmedi tse nang le makgolo a mararo a mashome a tsheletseng,