BIBELE e Halalelang

Nehemia 7:4-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Hobane motse o ne o le batsi, o le moholo, empa setjhaba sa teng se ne se se sekae, le wona matlo a ne a eso ho hahuwe.

5. Yaba Modimo wa ka o kenya pelong ya ka kgopolo ya ho phutha baholo le mahosana le setjhaba, hore ba balwe ka masika a bona. Ka fumana buka ya masika a ba neng ba tlile pele, ka fumana teng ho ngodilwe, ho thwe:

6. Ke bana batho ba naha ba kgutlileng kgolehong ba neng ba isitswe kgolehong ke Nebukadnesare, morena wa Babilona, ba boetseng ba kgutletse Jerusalema le Juda, e mong le e mong motseng wa habo,

7. ba tlileng le Sorobabele, le Joshua, le Nehemia, le Asaria, le Raamia, le Nahamani, le Mordekai, le Bilshane, le Misperethe, le Bigvai, le Nehume, le Baana.Palo ke ena ya banna ba setjhaba sa Iseraele:

8. Bana ba Pareoshe ba kete tse pedi tse nang le lekgolo le mashome a supileng a metso e mmedi;

9. bana ba Shefathia ba makgolo a mararo a mashome a supileng a metso e mmedi.

10. Bana ba Arake ba makgolo a tsheletseng a mashome a mahlano a metso e mmedi;

11. baneng ba Joshua bana ba Pakathe-Moabe ba lesika la Joabe ba kete tse pedi tse nang le makgolo a robileng meno e le mmedi a leshome le metso e robileng meno e le mmedi;

12. bana ba Elame ba sekete se nang le makgolo a mabedi a nang le mashome a mahlano a metso e mene;