BIBELE e Halalelang

Nehemia 7:37-47 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. baba ba Lode le Hadide le Ono ba makgolo a supileng a mashome a mabedi a motso o mong;

38. bana ba Senaa ba kete tse tharo tse nang le makgolo a robileng mono o le mong a mashome a mararo.

39. Haele baprista, ya eba bana ba Jedaia, wa ntlo ya Joshua, ba makgolo a robileng mono o le mong a mashome a supileng a metso e meraro;

40. bana ba Immere ba sekete se nang le mashome a mahlano a metso e mmedi;

41. bana ba Pashkure ba sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a mane a metso e supileng;

42. bana ba Harime ba sekete se nang le leshome le metso e supileng.

43. Haele Balevi, ya eba bana ba Joshua le Kadmiele, le bana ba Hodva, ba mashome a supileng a metso e mene.

44. Haele dibini, ya eba bana ba Asafe ba lekgolo le mashome a mane a metso e robileng meno e le mmedi.

45. Haele balebedi ba menyako, ya eba bana ba Shallume, bana ba Athere, bana ba Thalmone, bana ba Akkube, bana ba Hathitha, le bana ba Shobai; ba etsa lekgolo le nang le mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi.

46. Haele Banethinime, ya eba bana ba Tsika, bana ba Hasufa, bana ba Tabbaothe,

47. bana ba Keroshe, bana ba Sia, bana ba Padone,