BIBELE e Halalelang

Nehemia 5:3-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Ba bang ba ne ba re: Rona, e ka kgona re etse masimo a rona le merara ya rona le matlo a rona ditebeletso; re neeng koro ka baka la tlala ena.

4. Hape, ba bang ba ne ba re: Re adimile ditjhelete ka masimo a rona le ka merara ya rona, re tle re ntshe lekgetho la morena.

5. Athe mmele ya rona e ka mmele ya banababo rona, bana ba rona e ka bana ba bona; leha ho le jwalo, rona, e ka kgona re ise bara ba rona le baradi ba rona bokgobeng; esita le jwale, baradi ba bang ba rona e se e le makgoba; re hloka matla a ho ithusa bakeng seo, kahobane masimo a rona le merara ya rona e se e le ya ba bang.

6. Eitse ha ke utlwa qoso eo le mantswe ao, ka halefa haholo.

7. Ka eletsana le pelo ya ka hore e ka kgona ke kgalemele baholo le mahosana. Ka re ho bona: E mong le e mong le adima banababo lona ka phahello. Yaba ke ba biletsa pitso e kgolo.

8. Teng, ka re ho bona: Re lopolotse banababo rona ba Bajuda, ba neng ba rekisitswe ditjhabeng, ka seo re neng re na le sona; mme ke lona kajeno le yang ho rekisa ka banababo lona! Hape, le re, ba ya ithekisa ho rona na? Yaba ba kgutsa, ba sa fumane taba eo ba ka fetolang ka yona.

9. Yaba ke re: Seo le se etsang hase setle. Ha ke re, le ne le tshwanetse ho tsamaya tshabong ya Modimo wa rona, re tle re se ke ra kgoptjwa ke ditjhaba tseo e leng dira tsa rona?

10. Tjhe, nna le banabeso le bahlanka ba ka, re ba adimile tjhelete le koro hodima phahello. A re leseleng hle phahello eo.

11. Hona kajeno, busetsang ho bona masimo a bona, le merara ya bona, le mehlware ya bona, le matlo a bona, le karolo ya lekgolo ya tjhelete, le ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, eo le e nkileng ho bona ka mokgwa wa phahello.

12. Yaba ba re: Re tla ba buseletsa tsona, mme re ke ke ra ba batla letho; re tla etsa jwalokaha o bolela. Yaba ke bitsa baprista, ka ba hlapantsha hore ba tle ba etse ka polelo eo.

13. Ka udubatsa le sefuba sa seaparo sa ka, ka re: Modimo o ke o udubatse jwalo tlung ya hae le mosebetsing wa hae motho ka mong ya ke keng a phetha polelo ena; a fele a udubatswe jwalo, mme a tshollwe. Yaba phutheho kaofela e re: Ho be jwalo! Ba rorisa Jehova, mme setjhaba sa etsa ka polelo eo.