BIBELE e Halalelang

Nehemia 5:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ba setjhaba le basadi ba bona ba qosa banababo bona ba Bajuda ka lerata.

2. Ba bang ba ne ba re: Rona, le bara ba rona, le baradi ba rona, re bangata; re neeng koro, re tle re je, re phele.

3. Ba bang ba ne ba re: Rona, e ka kgona re etse masimo a rona le merara ya rona le matlo a rona ditebeletso; re neeng koro ka baka la tlala ena.

4. Hape, ba bang ba ne ba re: Re adimile ditjhelete ka masimo a rona le ka merara ya rona, re tle re ntshe lekgetho la morena.

5. Athe mmele ya rona e ka mmele ya banababo rona, bana ba rona e ka bana ba bona; leha ho le jwalo, rona, e ka kgona re ise bara ba rona le baradi ba rona bokgobeng; esita le jwale, baradi ba bang ba rona e se e le makgoba; re hloka matla a ho ithusa bakeng seo, kahobane masimo a rona le merara ya rona e se e le ya ba bang.

6. Eitse ha ke utlwa qoso eo le mantswe ao, ka halefa haholo.

7. Ka eletsana le pelo ya ka hore e ka kgona ke kgalemele baholo le mahosana. Ka re ho bona: E mong le e mong le adima banababo lona ka phahello. Yaba ke ba biletsa pitso e kgolo.