BIBELE e Halalelang

Nehemia 4:5-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. O se ke wa apesa bokgopo ba bona, mme o se ke wa hlakola sebe sa bona pela hao; hobane ba o halefisitse pela ba hahang.

6. Ra tsosa lerako jwalo, mme lerako lohle la kopanngwa ho isa bohareng ba lona; haele setjhaba, se ne se rata ho sebetsa.

7. Eitse ha Sanballate, le Tobia, le Baarabe, le Baammone, le Baashdode, ba utlwa hobane ho tsoswa ha marako a Jerusalema ho ntse ho tswela pele, le hobane dikgeo di se di batla di thibeha, ba halefa haholo,

8. ba ba ba dumellana kaofela morerong wa ho futuhela Jerusalema le wa ho o senya.

9. Empa rona, ra rapela Modimo wa rona, mme ka ho ba tshaba, ra bea balebedi motshehare le bosiu, hore re itshireletse ho bona.

10. Bajuda ba re: Matla a bajari a fokotse, athe marole a mangata; re fela re tla sitwa ho phetha lerako!

11. Athe dira tsa rona di ne di re: Ba ke ke ba tseba letho, ba ke ke ba bona letho, ho fihlela re ba re kena hara bona, re ba bolaya, re emisa mosebetsi.

12. Bajuda ba neng ba ahile pela bona, ba ne ba tla, ba re sebela morero oo ho fihlela haleshome ba etswa nqalong tsohle, ba re: E ka kgona le boele ho rona.

13. Yaba ke bea balebedi sephitshaneng se kamora lerako, dibakeng tse ahlameng; ka bea setjhaba teng ka masika a sona, ba ena le disabole tsa bona, le marumo a bona, le diqha tsa bona.

14. Ka tadima, ka ema, ka re ho baholo le ho mahosana le ho ba bang ba setjhaba: Le se ke la ba tshaba; le mpe le hopole Morena e moholo ya tshabehang, mme le lwanele banababo lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le basadi ba lona, le matlo a lona.

15. Eitse ha dira tsa rona di utlwa hoba taba tsa bona di tsejwa ke rona, kahoo Modimo wa qhala morero wa bona, mme bohle ra boela lerakong, e mong le e mong mosebetsing wa hae.

16. Ho tloha tsatsing leo, ba bang ba bahlanka ba ka ba nna ba sebetsa mosebetsi, ba bang bona ba ema ba tshwere marumo, le dithebe, le diqha, le ditshireletso tsa sefuba; balaodi bona ba ne ba eme kamora bohle ba ntlo ya Juda.

17. Ba hahang lerako, le bajari ba tse hahang, le babelesi ba tsona, ka tsoho le leng ba ne ba sebetsa mosebetsi, ka le leng ba ne ba tshwere dibetsa.