BIBELE e Halalelang

Nehemia 3:25-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Palale, mora Usai, yena a qala mabapa le kou le tora e hlahelang kantle pela ntlo e phahameng ya morena, e okametseng lebala la teronko.

26. Kapele ho eo, ha haha Pedaia, mora Pareoshe. Le bona Banethinime ba haha moo ba dutseng teng, leralleng, ho ya fihla maloka le monyako wa Metsi nqa botjhabatsatsi, e maloka le tora e hlahelang kantle.

27. Kapele ho bao, ba Tekowa ba haha sekoto se seng sa lerako, ba qala maloka le tora e kgolo e hlahelang kantle, ho ya fihla lerakong la Ofele.

28. Kapele ho monyako wa Dipere, baprista ba lokisa e mong le e mong maloka le ntlo ya hae.

29. Kapele ho bona, Tsadoke, mora Immere, a lokisa maloka le ntlo ya hae; kapele ho eo, ha lokisa Shemaia, mora Shekania, molebedi wa monyako wa botjhabatsatsi.

30. Kapele ho eo, Hanania, mora Shelemia, le Hanune, mora wa botshelela wa Tsalafe, ba lokisa sekoto se seng. Kapele ho bona, Meshullame, mora Berekia, a lokisa maloka le kamore ya hae.

31. Kapele ho eo, Malkija, setei sa kgauta, a lokisa ho ya fihla matlung a Banethinime le a bahwebi, maloka le monyako wa Hammifkade, le ho ya fihla kamoreng e phahameng ya kou.

32. Mahareng a kamore e phahameng ya kou le monyako wa Dinku, ha lokisa ditei tsa kgauta le bahwebi.