BIBELE e Halalelang

Nehemia 3:11-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Haele Malkija, mora Harime, le Hashube, mora Pakathe-Moabe, ba lokisa sekoto se seng le tora ya Dibopi.

12. Mabapa le bona, ha lokisa Shallume, mora Halloheshe, monga karolo e nngwe ya setereke sa Jerusalema, e le yena le baradi ba hae.

13. Monyako wa Sekgutlo wona wa lokiswa ke Hanune le ba ahileng Sanowa; ba o haha, mme ba kenya mamati a wona le dinotlolo le makwallo; ba etsa ditswe tse sekete tsa lerako, ho ya fihla monyakong wa Moitedi.

14. Monyako wa Moitedi wona wa lokiswa ke Malkija, mora Rekabe, monga setereke sa Bethe-Hakkereme; a o haha, mme a kenya mamati a wona le dinotlolo le mekwallo.

15. Monyako wa Sediba wona wa lokiswa ke Shallume, mora Kole-Hose, monga setereke sa Mitspe; a o haha, a o rulela, a kenya le mamati a wona le dinotlolo le mekwallo; hape, a etsa lerako la letsha la Silowe, pela tshimo ya morena, ho ya fihla methating e theohang motseng wa Davida.

16. Kapele ho eo, ha lokisa Nehemia, mora Asbuke, monga sekoto se seng sa setereke sa Bethe-Tsure, ho ya fihla mabitleng a Davida, le ho ya fihla letsheng le hahilweng, le ho ya fihla tlung ya bahale.

17. Kapele ho eo, ha lokisa Balevi, e leng Rehume, mora Bani; mabapa le eo, ha lokisa Hashabia, monga sekoto se seng sa setereke sa Keila, a etsetsa ba setereke sa hae.

18. Kapele ho eo, ha lokisa banababo bona, e leng Bavvai, mora Henadade, monga sekoto se seng sa setereke sa Keila.

19. Mabapa le eo, ha lokisa Esere, mora Joshua, monga Mitspe, a lokisa koto se seng sa lerako, a qala mabapa le moepa wa ntlo ya dihlomo koung ya lerako.

20. Kapele ho eo, Baruke, mora Sabbai, a lokisa koto se seng ka mafolofolo, ho tloha koung ya lerako ho ya fihla monyakong wa ntlo ya moprista e moholo Eliashibe.

21. Kapele ho eo, Meremothe, mora Uria, mora Hakkotse, a lokisa sekoto se seng, ho tloha monyakong wa ntlo ya Eliashibe, ho ya kgutla phellong ya ntlo ya Eliashibe.

22. Kapele ho bao, ha lokisa baprista ba Lehwatata.

23. Kapele ho bao, ha lokisa Benjamine le Hashube, maloka le ntlo ya bona. Kapele ho bona, ha lokisa Asaria, mora Maaseia, mora Anania, maloka le ntlo ya hae.

24. Kapele ho eo Binnui, mora Henadade, a lokisa sekoto se seng, ho tloha tlung ya Asaria, ho ya fihla koung le sekgutlong.

25. Palale, mora Usai, yena a qala mabapa le kou le tora e hlahelang kantle pela ntlo e phahameng ya morena, e okametseng lebala la teronko.

26. Kapele ho eo, ha haha Pedaia, mora Pareoshe. Le bona Banethinime ba haha moo ba dutseng teng, leralleng, ho ya fihla maloka le monyako wa Metsi nqa botjhabatsatsi, e maloka le tora e hlahelang kantle.

27. Kapele ho bao, ba Tekowa ba haha sekoto se seng sa lerako, ba qala maloka le tora e kgolo e hlahelang kantle, ho ya fihla lerakong la Ofele.

28. Kapele ho monyako wa Dipere, baprista ba lokisa e mong le e mong maloka le ntlo ya hae.

29. Kapele ho bona, Tsadoke, mora Immere, a lokisa maloka le ntlo ya hae; kapele ho eo, ha lokisa Shemaia, mora Shekania, molebedi wa monyako wa botjhabatsatsi.