BIBELE e Halalelang

Nehemia 13:7-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Eitse ha ke fihla Jerusalema, ka lemoha bobe bo entsweng ke Eliashibe bakeng sa Tobia, kamoo a neng a mo lokiseditse kamore kateng, mabaleng a ntlo ya Modimo.

8. Ka swaba haholo ke hona, ka ba ka lahlela mesebetsi yohle ya Tobia kantle ho kamore.

9. Ka ntoo laela hore dikamore di hlwekiswe, mme ka busetsa teng mesebetsi ya ntlo ya Modimo le dinyehelo le dibano.

10. Ka utlwa hape hobane Balevi ba ne ba sa ka ba newa dikabelo tsa bona, le hoba Balevi le dibini, ba etsang tshebeletso, ba ne ba thobetse e mong le e mong naheng ya hae.

11. Yaba ke kgalemela mahosana, ka re: Ntlo ya Modimo e furalletsweng? Ka boela ka ba phutha, mme ka ba busetsa tulong tsa bona.

12. Yaba Bajuda kaofela ba boela ba tlisa karolo ya leshome ya koro le ya veine e ntjha le ya ole medikong.

13. Ka bea moprista Shelemia, le mongodi Tsadoke, le Pedaia wa Balevi bahlahlobi ba mediko, mme ka ba ekeletsa ka Hanane, mora Sakkure, mora Matthania; hobane e ne e le bao ekang ba ka tshepuwa, mme ba laelwa hore ba arolele banababo bona dikabelo tsa bona.

14. Oho, Modimo wa ka, o nkgopole ka baka la tseo, mme o se hlakole diketso tsa borapedi tseo ke di etseditseng ntlo ya Modimo wa ka le ntho tse tshwanetseng ho bolokwa!

15. Mehleng eo, ka bona batho ba hatang dihatelong ka Sabatha naheng ya Juda, le ba thothelang mangata hae, ba a belesitse diesele; le veine, le merara, le difeiye, le mesebetsi e meng ya mefuta, ba di tlisa Jersalema ka tsatsi la Sabatha; mme ka ba kgalemela ka letsatsi leo ba rekisang dijo ka lona.