BIBELE e Halalelang

Nehemia 13:5-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. o ne a mo lokiseditse kamore e kgolo hona moo pele ho neng ho bolokwa dinyehelo, le dibano, le mesebetsi, le karolo ya leshome ya dikoro, le ya veine e ntjha, le ya ole, tse neng di laeleditswe Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le kabelo e kgethetsweng baprista.

6. Motsotsong wa taba tseo, ke ne ke se Jerusalema; hobane ka selemo sa mashome a mararo a metso e mmedi sa Artakserksese, morena wa Babilona, ke ne ke boetse ke ile ho morena; mme qetellong ya selemo seo, ke ne ke boetse ke lokolotswe ke morena.

7. Eitse ha ke fihla Jerusalema, ka lemoha bobe bo entsweng ke Eliashibe bakeng sa Tobia, kamoo a neng a mo lokiseditse kamore kateng, mabaleng a ntlo ya Modimo.

8. Ka swaba haholo ke hona, ka ba ka lahlela mesebetsi yohle ya Tobia kantle ho kamore.

9. Ka ntoo laela hore dikamore di hlwekiswe, mme ka busetsa teng mesebetsi ya ntlo ya Modimo le dinyehelo le dibano.