BIBELE e Halalelang

Nehemia 13:16-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Le Batire, ba ahileng Jerusalema, ba ne ba tlisa dihlapi le mesebetsi e meng ya mefuta, ba rekisa ka yona ka Sabatha ho bana ba Juda le Jerusalema.

17. Ka kgalemela baholo ba Juda, ka re ho bona: Bobe bona boo le bo etsang bo reng, ha le hlompholla letsatsi la Sabatha?

18. Hleka haele mona Modimo wa rona o re hlahiseditse, rona le motse ona, dikotsi tseo tsohle, na hase kahobane bontata lona ba ile ba etsa tse jwalo na? Athe le lona le ya ekeletsa Baiseraele bohale ka ho hlompholla Sabatha!

19. Jwale, eitse ha menyako ya Jerusalema e apeswa ke meriti, ha Sabatha e se e tla qala, ka laela hore menyako e kwalwe; ka laela hape hore e se ke ya boela ya bulwa, haese ha Sabatha e se e fetile; ka bea bahlanka ba bang ba ka menyakong, hore ho se kene phahlo le e nngwe ka tsatsi la Sabatha.

20. Kahoo, bahwebi le ba rekisang ka mesebetsi e mefuta yohle, ba hlola bosiu kantle ho Jerusalema, hang kapa habedi.

21. Ka ba kgalemela, ka re ho bona: Le hlollang bosiu pela lerako? Ha le boela le pheta, ke tla le tshwara. Haesale mohlang oo, ha ba ka ba hlola ba etla ka Sabatha.

22. Hape, ka bolella Balevi hore ba itlhwekise, mme ba tle ho lebela menyako, hore tsatsi la Sabatha le tle le kgethwe.Oho, Modimo wa ka, nkgopole le tabeng ena, mme o nkgauhele ka boholo ba mohau wa hao!

23. Mehleng eo hape, ka bona hobane Bajuda ba bang ba nyetse basadi ba Baashdode, ba Baammone, le ba Bamoabe.

24. Bana ba bona, ka nqa e nngwe, ba ne ba bua puo ya Ashdode, ba sa tsebe ho bua puo ya Bajuda, ba bua puo ya setjhaba se itseng, kapa se itseng.

25. Yaba ke a ba kgalemela, ka ba rohaka, ka ba ka otla ba bang, ka ba hlotha meriri; mme ka ba hlapantsha ka Modimo, ka re: Se neeng baradi ba lona ho bara ba bona, mme le se nkele bara ba lona baradi ba bona; le lona le se ke la inkela bona!

26. Ha ke re, ke ka tse jwalo Salomone, morena wa Iseraele, a kileng a sitwa? Hara ditjhaba tse ngata, ho ne ho se morena ya kang yena; hape o ne a ratwa ke Modimo wa hae, mme Modimo o ne o mo entse morena wa Baiseraele bohle; empa leha ho le jwalo, basadi ba baditjhaba ba ne ba mo sitise.

27. Re ka le dumella jwang hore le etse bobe bo bokalo, mme le halefise Modimo wa rona ka ho nyala basadi ba baditjhaba?

28. E mong wa bara ba Jojada, mora Eliashibe, moprista e moholo, e ne e le mokgwenyana wa Sanballate, Mohorone; yaba ke mo leleka pela ka.

29. Oho, Modimo wa ka, o ba elellwe hobane ba silafaditse baprista le selekane sa boprista le sa Balevi!

30. Yaba ke a ba hlwekisa, ka ba lahlisa tsohle tseo e leng tsa baditjhaba, mme ka bea tsohle kamoo baprista le Balevi ba neng ba tshwanetse ho di lebela kateng, e mong le e mong tshebeletsong ya hae,

31. ka lokisa le taba ya dinyehelo tsa dipatsi ka dinako tse beilweng, le ya dilopotsiya.Oho, Modimo wa ka, o nkgopole o tle o nketse hantle!