BIBELE e Halalelang

Nehemia 13:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Motsotsong oo, ha balwa bukeng ya Moshe, setjhaba se mametse; ha fumanwa ho ngodilwe hore Moammone le Momoabe ba ke ke ba kena phuthehong ya Modimo le ka mohla o le mong;

2. kahobane ba ne ba sa ka ba ya kgahlanyetsa bana ba Iseraele ka bohobe le metsi, ba mpa ba lefa Balaame hore a ba rohake. Feela, Modimo wa rona ke wona o kileng wa fetola thohako hlohonolofatso.

3. Eitse hobane ba utlwe molao, ba kgetha baditjhaba kaofela Iseraeleng.

4. Tseo di eso ho be teng, Eliashibe, moprista ya neng a beilwe mohlahlobi wa dikamore tsa ntlo ya Modimo wa rona, e le wa habo Tobia,

5. o ne a mo lokiseditse kamore e kgolo hona moo pele ho neng ho bolokwa dinyehelo, le dibano, le mesebetsi, le karolo ya leshome ya dikoro, le ya veine e ntjha, le ya ole, tse neng di laeleditswe Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le kabelo e kgethetsweng baprista.

6. Motsotsong wa taba tseo, ke ne ke se Jerusalema; hobane ka selemo sa mashome a mararo a metso e mmedi sa Artakserksese, morena wa Babilona, ke ne ke boetse ke ile ho morena; mme qetellong ya selemo seo, ke ne ke boetse ke lokolotswe ke morena.

7. Eitse ha ke fihla Jerusalema, ka lemoha bobe bo entsweng ke Eliashibe bakeng sa Tobia, kamoo a neng a mo lokiseditse kamore kateng, mabaleng a ntlo ya Modimo.