BIBELE e Halalelang

Nehemia 11:25-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Haele tsa metse le masimo a yona, bana ba Juda ba bang ba kile ba aha Kiryath-Arba le metseng ya teng, le Dibone le metseng ya teng, le Jekabtseele le metseng ya teng,

26. le Jeshua, le Molada, le Bethe-Palethe,

27. le Hatsare-Shuale, le Beerseba le metseng ya teng,

28. le Tsiklage, le Mekona, le metseng ya teng,

29. le Ene-Rimmone, le Tsorea, le Jarmuthe;

30. le Sanowa, le Adullame le metseng ya teng, le Lakishe le masimong a teng le Aseka le metseng ya teng. Ba hloma ditente tsa bona ho tloha Beerseba, ho isa kgohlong ya Hinnome.

31. Haele bana ba Benjamine, ba aha ho tloha Geba, le Mikmashe, le Aija, le Bethele le metseng ya teng,

32. le Anathothe, le Nobe, le Hanania,

33. Hatsore, Rama, Gitthaime,

34. Hadide, Tseboime, Neballathe,

35. Lode, le Ono, le Ge-Harashime.

36. Balevi ba bang, ba dikarolong tsa Bajuda, ba ya aha hara Babenjamine.