BIBELE e Halalelang

Nehemia 10:29-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona;

30. ra itlama hore ha re ka ke ra neela baditjhaba ba lefatshe leo baradi ba rona, leha e le ho nkela bara ba rona baradi ba bona.

31. Hape ra re, leha baditjhaba ba lefatshe leo ba ka tlisa mesebetsi le dikoro tsa mefuta yohle ka tsatsi la Sabatha, ho rekisa ka tsona, ha re ka ke ra reka ho bona ka tsatsi la Sabatha, leha e le ka matsatsi a mang a kgethehileng; mme re tla nne re etse teselo ka selemo sa bosupa, ka ho lesella e mong le e mong molato wa hae.

32. Hape, ra ipeela melao, ra itlama hore re tla nne re ntshetse tshebeletso ya ntlo ya Modimo wa rona karolo ya boraro ya shekele ka selemo se seng le se seng;

33. ho tle ho batlwe mahobe a pontsha, le nyehelo e sa feleng, le sehlabelo sa setjheso sa disabbatha tsohle, le sa dikgwedi ha di thwasa, le sa mekete, le dintho tse halalelang, le mahlabelo a sebe a etsetswang pheko ya Baiseraele, le mesebetsi yohle e emeng ya ntlo ya Modimo wa rona.

34. Ra laola ka lotho bakeng sa kabelo ya dipatsi, rona, le baprista, le Balevi, le ba bang ba setjhaba, hore, ka ho ya ka matlo a bontata rona, di tliswe tlung ya Modimo wa rona, ka dinako tse beilweng, ka dilemo tsohle, ho tla beswa aletareng ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo ho ngodilweng kateng, molaong;

35. le ho tlisa tlung ya Jehova dilopotsiya tsa lefatshe la rona, le dilopotsiya tsohle tsa difate tsohle, ka selemo se seng le se seng,

36. le matsibolo a bara ba rona le a dikgomo tsa rona, kamoo ho ngodilweng kateng molaong; le ho tlisa tlung ya Modimo wa rona, ho baprista ba etsang tshebeletso tlung ya Modimo wa rona, matsibolo a dikgomo tsa rona le a dinku tsa rona.

37. Ra re, re tla tlisa dilopotsiya tsa hlama ya rona, le dikabelo tsa rona tseo re di kgethileng, le dilopotsiya tsa ditholwana tsa difate tsohle, le tsa veine e ntjha, le tsa ole, re di tlisetse baprista dikamoreng tsa ntlo ya Modimo wa rona, hammoho le karolo ya leshome ya tsa lefatshe, e leng ya Balevi; hobane bona Balevi ba nka karolo ya leshome ya tsona metseng yohle ya naha e lengwang ke rona.