Nehemia

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13

BIBELE e Halalelang

Nehemia 1 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Nehemia o rapella bana ba Iseraele.

1. Mantswe a Nehemia, mora Hakalia, ke wona ana:Kgweding ya Kislefe, selemong sa mashome a mabedi, ka re ke sa ntsane ke le Susane, motse wa moreneng,

2. ha fihla Hanani, e mong wa banabeso, ba ena le banna ba bang ba Juda; ka ba botsa taba tsa Bajuda ba phonyohileng, e leng masala a setseng a kgoleho, le tsa Jerusalema;

3. ba re ho nna: Masala a setseng a kgoleho, a ahileng naheng yane, a mahlomoleng a maholo le sekgobong; lerako la Jerusalema le ntse le le dikgeo, le mamati a teng a dutse a tjhele ke mollo.

4. Eitse ha ke utlwa taba tseo, ka dula ka lla, mme ka hlola bofifing ditshiu tse ngatanyana; hape ka itima dijo, ka rapela pela Modimo wa mahodimo,

5. ka re: Jo! Jehova, Modimo wa mahodimo, Modimo o moholo, o tshabehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang melao ya hao, selekane le mohau!

6. Oho hle, tsebe ya hao a e ke e sekehwe, mme mahlo a hao a ke a tutubolohe, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao eo ke ntseng ke e nyolosetsa ho wena mehleng ya jwale, motshehare le bosiu ke rapella ka yona bahlanka ba hao, bana ba Iseraele, ke ntse ke bolela dibe tsa bana ba Iseraele, tseo re o sitetsweng ka tsona. Hobane nna le ntlo ya ntate, re sitilwe.

7. Re o entse hampe haholo; ha re a ka ra boloka ditaelo le melao le dikahlolo tseo o di laetseng mohlanka wa hao Moshe.

8. Elellwa hle lentswe leo o kileng wa le laela mohlanka wa hao Moshe, wa re: Etlare ha le ikgantsha, ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba!

9. empa ha le sokolohela ho nna, le boloka melao ya ka, le e etsa, esita leha le be le leleketswe pheletsong ya mahodimo, ke tla le bokella teng, ke le busetse nqalong eo ke e kgethileng ho bea lebitso la ka ho yona.

10. Jwale, bao ke bahlanka ba hao, ke setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le matla.

11. Oho hle, Jehova, tsebe ya hao a e ke e sekehele thapelo ya mohlanka wa hao le thapelo ya bahlanka ba hao ba ithatetseng ho tshaba lebitso le hao; o ke o atlehise mohlanka wa hao kajeno, mme o mo fumantshe mohau pela monna eno.Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena.