BIBELE e Halalelang

Mikea 6:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Utlwang he seo Jehova a se bolelang: Ema, o tseke pontsheng ya dithaba, maralla le wona a utlwe lentswe la hao!

2. Lona dithaba, utlwang nyewe ya Jehova, le utlwe le lona metheo e tiileng ya lefatshe; hobane nyewe e teng pakeng tsa Jehova le setjhaba sa hae, mme o tseka le Iseraele; o re:

3. Setjhaba sa ka, ke entseng ho wena? Ke o tubile kang? Nkarabele hle!

4. Ke o ntshitse lefatsheng la Egepeta, ke o lopolotse tlung ya bohlanka, ka ba ka o etella pele ka Moshe le Aarone le Miriame.

5. Setjhaba sa ka, hopola hle seo Balake, morena wa Moabe, a neng a se rerile, le seo Balaame, mora Beore, a mo arabetseng sona, le tse hlahileng ho tloha Sittime ho ya fihla Gilgale, o tle o tsebe ketso tse lokileng tsa Jehova.

6. Ke tla kgahlanyetsa Jehova kang, ke iname pela Modimo o phahameng? Na ke tla mo kgahlanyetsa ka ditjheso le ka manamane a selemo se le seng?

7. Na Jehova o tla kgahlwa ke pheleu tse dikete, ke mashome a dikete a dinoka tsa ole? A ke tla ntsha mora wa ka wa letsibolo bakeng sa bokgopo ba ka, ke ntshe ya tswileng maleng a ka bakeng sa sebe sa moya wa ka na?

8. Wena motho, o tsebisitswe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho wena, ke hore o etse se lokileng, o rate bokgabane, le ho tsamaya ka boikokobetso le Modimo wa hao.

9. Lentswe la Jehova le howeletsa motse. Ya bohlale o tla hlokomela lebitso la hao, ha o re: Elang thupa hloko le ya e laelang.

10. Na matlotlo a bokgopo a sa le teng tlung ya ya sa lokang, le tekanyo e fokotsehileng, e rohakilweng na?

11. Na nka ba ya hlwekileng, ha ke lekanya ka sekala se kgopo, ke ena le majwe a thetso ka mokotleng?

12. Barui ba motse ona ba tletse bolotsana, baahi ba wona ba bolela leshano, leleme la bona ke bohata molomong wa bona.