BIBELE e Halalelang

Mikea 5:6-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ba tla disa lefatshe la Assiria ka lerumo, ba dise le mahareng a dikgoro tsa lefatshe la Nimrode; mme yena o tla re namolela ho Moassiria, mohla a kenang naheng ya rona, mohla a tlolang meedi ya rona.

7. Masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba tse ngata jwaloka phoka e tswang ho Jehova, jwaloka marothodi a hodima jwang, a sa lebelleng taelo ya motho, a seng molaong wa bana ba batho.

8. Hape, masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba, mahareng a merabe e mengata, jwaloka tau hara diphoofolo tsa meru, jwaloka tawana, hara mehlape ya dinku, eo ereng ha e feta, e hatakele, e harole, ho se ya ka pholosang!

9. Letsoho la hao le ke le phahamele bahlorisi ba hao, dira tsa hao kaofela di ke di fediswe!

10. Tsatsing leo, ho bolela Jehova, ke tla timeletsa dipere tsa hao tse ho wena, ke fedise le makoloi a hao;

11. ke tla timetsa metse ya lefatshe la hao, ke qhaqholle diqhobosheane tsa hao kaofela;

12. ke tla tlosa boloi letshong la hao, mme dinohe ha di sa tla ba teng ha hao.

13. Ha e le ditshwantsho tsa hao tse betlilweng le tse tsholotsweng, ke tla di fedisa mahareng a hao, mme ha o sa tla kgumamela mosebetsi wa matsoho a hao.

14. Ke tla fothola diashera tse ho wena, ke timetse metse ya hao;

15. mme ke tla iphetetsa ka bohale le ka kgalefo hodima ditjhaba tse sa kang tsa utlwa.