BIBELE e Halalelang

Mikea 5:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale bokella makgotla a hao, Sione, moradi wa makgotla! Re se re ya thibellwa ke dira; ka molamu ba wahlela moahlodi wa Iseraele lerameng!

2. Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.

3. Ka baka leo, o tla ba neela dira ho tle ho be ho fihle nako eo mobelehi a tla beleha ka yona; mme babababo ba setseng ba tla be ba kgutle hammoho le bara ba Iseraele.

4. Yena o tla ema, a dise ka matla a Jehova le ka kganya ya lebitso la Jehova, Modimo wa hae, mme ba tla phomola, hobane jwale o tla ba moholo ho isa pheletsong ya lefatshe.

5. Ke yena ya tla re batlela kgotso. Etlare ha Moassiria a kena naheng ya rona, mme a hata matlung a rona a borena, re tla bea badisa ba supileng le marena a batho a robileng meno e le mmedi ho mo thibela.

6. Ba tla disa lefatshe la Assiria ka lerumo, ba dise le mahareng a dikgoro tsa lefatshe la Nimrode; mme yena o tla re namolela ho Moassiria, mohla a kenang naheng ya rona, mohla a tlolang meedi ya rona.

7. Masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba tse ngata jwaloka phoka e tswang ho Jehova, jwaloka marothodi a hodima jwang, a sa lebelleng taelo ya motho, a seng molaong wa bana ba batho.

8. Hape, masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba, mahareng a merabe e mengata, jwaloka tau hara diphoofolo tsa meru, jwaloka tawana, hara mehlape ya dinku, eo ereng ha e feta, e hatakele, e harole, ho se ya ka pholosang!

9. Letsoho la hao le ke le phahamele bahlorisi ba hao, dira tsa hao kaofela di ke di fediswe!