BIBELE e Halalelang

Mikea 4:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mehleng ya bofelo, thaba ya ntlo ya Jehova e tla be e thewe qhoweng tsa dithaba, e okamele maralla, mme ditjhaba di tla phallela teng.

2. Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyolohele thabeng ya Jehova, tlung ya Modimo wa Jakobo, a tle a re rute ditsela tsa hae, re tsamaye ka mmila ya hae. Hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.

3. Mme Jehova o tla ahlolela ditjhaba tse ngata, a kgalemele merabe e matla, ho isa hole. Ka disabole tsa bona ba tla tea mehoma, ka marumo a bona ba tee disekele; setjhaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela setjhaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntwa.

4. Ba tla dula e mong le e mong katlasa feiye ya hae le katlasa morara wa hae, ho se ya ba tshosang, hobane molomo wa Jehova wa makgotla o boletse.

5. Hobane ditjhaba kaofela di tsamaya se seng le se seng ka lebitso la modimo wa sona, empa rona, re tla tsamaya ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona, kamehla le mehla.

6. Tsatsing leo, ho itswe ke Jehova, ke tla phutha se hlotsang, se lelekilweng ke se bokelle le seo ke se entseng hampe;