BIBELE e Halalelang

Mikea 2:2-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ba lakatsa masimo, ho a hapa, le matlo, ho inkela wona: ba hatakela monna le ntlo ya hae, motho le lefa la hae.

3. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, nna ke rerela moloko ona bobe boo le ke keng la ntsha melala ya lona ho bona, ha le sa tla hlola le tsamaya le sataletse, hobane nako ena ke e mpe.

4. Ka tsatsi leo, ho tla etswa pina ya sesomo hodima lona, ho binwe le pina ya mahlomola e reng: Ho fedile! Re sentswe, re sentswe ruri. Jehova o nea ba bang lefa la setjhaba sa heso! O nkamoha lona jwang? O arolela bahedene masimo a rona!

5. Ka baka leo, o tla hloka ya akgelang kgwele ya ho lekanya hodima sekoto sa naha, phuthehong ya Jehova.

6. Baporofeta ba bohata ba ntse ba porofeta, ba re: Le se ke la hlola le porofeta; ba se ke ba nna ba porofeta tse jwalo; dikgalemelo tsa bona ha di fele!