BIBELE e Halalelang

Mikea 2:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ho madimabe ba nahanang bolotsana, ba rerang bobe diphateng tsa bona! Ba bo etsa leseding la meso, hobane matsoho a bona ho bona ke modimo.

2. Ba lakatsa masimo, ho a hapa, le matlo, ho inkela wona: ba hatakela monna le ntlo ya hae, motho le lefa la hae.

3. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, nna ke rerela moloko ona bobe boo le ke keng la ntsha melala ya lona ho bona, ha le sa tla hlola le tsamaya le sataletse, hobane nako ena ke e mpe.

4. Ka tsatsi leo, ho tla etswa pina ya sesomo hodima lona, ho binwe le pina ya mahlomola e reng: Ho fedile! Re sentswe, re sentswe ruri. Jehova o nea ba bang lefa la setjhaba sa heso! O nkamoha lona jwang? O arolela bahedene masimo a rona!

5. Ka baka leo, o tla hloka ya akgelang kgwele ya ho lekanya hodima sekoto sa naha, phuthehong ya Jehova.

6. Baporofeta ba bohata ba ntse ba porofeta, ba re: Le se ke la hlola le porofeta; ba se ke ba nna ba porofeta tse jwalo; dikgalemelo tsa bona ha di fele!

7. Wena ya bitswang ntlo ya Jakobo, na pelo ya Jehova e kgutshwanyane? Na ke wona mokgwa wa hae? Dipolelo tsa ka na ha di hlahise molemo ho ya tsamayang ka ho loka?

8. Athe le moaba, setjhaba sa ka se ipeile sera. Le hlobodisa batho kobo eo ba e aparetseng hodima e nngwe, ha ba iphetela ka kgotso, ba sa hopole ntwa.