BIBELE e Halalelang

Mikea 1:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke lena lentswe la Jehova le neng le tlele Mikea wa Moreshethe, mehleng ya Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, e leng tseo a di boneng hodima Samaria le Jerusalema:

2. Utlwang, lona ditjhaba kaofela! Sekeha tsebe, wena lefatshe le seo o tletseng sona, Morena Jehova e be yena ya pakang tsa lona, Morena a le tlung ya hae e kgethehileng!

3. Hobane, bonang, Jehova o ya tswa nqalong ya hae, o tla theoha, a tsamaye hodima diphahameng tsa lefatshe;

4. dithaba di tla qhibidiha katlasa hae, dikgohlo di petsohe, jwaloka makgeha a dinotshi ha a le pela mollo, le jwaloka metsi a tsholletsweng motheong.

5. Hona hohle ho tla estahala ka baka la bokwenehi ba Jakobo, le ka baka la dibe tsa ntlo ya Iseraele. Bokwenehi ba Jakobo keng? Na hase Samaria? Le nqalo tse diphahameng tsa Juda ke dife? Na hase Jerusalema?

6. Ka baka leo, ke tla fetola motse wa Samaria, o be jwaloka sefika sa majwe se pela tshimo, le moo ho ka lengwang merara; ke tla akgela majwe a wona thotaneng, ke kwaholle metheo ya wona;

7. ditshwantsho tsohle tsa wona tse betlilweng di tla thuhakwa, dimpho tsohle tse amohetsweng ke wona di tjheswe mollong; ke tla senya ditshwantsho tsa wona kaofela, hobane o ipatletse tsona ka mokgwa wa moputso wa seotswa, mme di tla boela di fetohe moputso wa seotswa.

8. Ka baka leo, ke tla lla, ke bokolle; ke tla tsamaya ke hlobotse, ke le feela; ke tla lla jwaloka diphokojwe, ke rore jwaloka dimpshe.

9. Hobane maqeba a wona Samaria a mabe, kotsi ya wona e bile e hlahetse Juda; e fihlile monyako wa setjhaba sa ka, ke ho re, Jerusalema.

10. Taba eo le se ke la e tumisa Gathe; le ho lla, le se ke la lla! Bethe-Leafra (ntlo ya lerole) ke itshela ka lerole!

11. Tloha, wena moahi wa Shafire (botle), o hlobotse, o le dihlong! Moahi wa Tsaanane (ho tswa) ha a sa tswa; dillo tsa Bethe-Haetsele (ntlo ya phomolo) di re hlokisa tshepo ya hore kotsi e ka ema moo.