BIBELE e Halalelang

Luka 9:8-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. ba bang ba re: Elia o hlahile; mme ba bang ba re: E mong wa baporofeta ba kgale o tsohile bafung.

9. Empa Heroda o ne a re: Haele Johanne ke mo kgaotse hlooho, nna; mme jwale, eo ke mang eo ke utlwang ditaba tse kalo hodima hae? Mme o ne a rata a ka mmona.

10. Yare ha baapostola ba kgutlile, ba bolella Jesu tsohle tseo ba di entseng; mme a ba nka le yena, a ya le bona kathoko, lefeelleng le bapileng le motse o bitswang Bethsaida.

11. Eitse hobane batho ba tsebe, ba mo latela. Jesu a ba amohela, a ba bolella taba tsa mmuso wa Modimo, mme a fodisa ba batlang phodiso.

12. Letsatsi ha le qala ho rapama, ba leshome le metso e mmedi ba tla, ba re ho yena: Kgutlisa bongata, ba tle ba ye metseng le metsaneng e re teetseng hare, mme ba bone dijo teng, hobane mona re feelleng.

13. Empa a re ho bona: Ba fepeng, e le lona. Ba re: Re na le mahobe a mahlano feela le dihlapi tse pedi; haese hore e be rona re ka yang ho rekela setjhaba sena sohle dijo!

14. Hobane e ne e batla ho ba banna ba dikete tse hlano. Yaba o re ho barutuwa ba hae: Ba dudiseng ka dihlopha tsa ba mashome a mahlano.

15. Ba etsa jwalo, mme ba ba dudisa kaofela.

16. Yaba Jesu o nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae, hore ba a abele bongata.

17. Ba eja, ba kgora bohle; mme ha nkwa diroto tse leshome le metso e mmedi tse tletseng dingwathwana tse setseng.

18. Ha a le kathoko, a rapela, a ena le barutuwa ba hae, a ba botsa, a re: Batho ba re, ke mang?

19. Ba araba, ba re: Ho thwe ke ba bang: O Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re: O Elia; empa ba bang ba re: E mong wa baporofeta ba kgale o tsohile bafung.

20. A re ho bona: Lona, le re ke mang? Yaba Simone Petrose o araba, a re: O Kreste wa Modimo.