BIBELE e Halalelang

Luka 9:53-62 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

53. Empa ba teng ha ba ka ba mo amohela, kahobane sefahleho sa hae se ne se lebile nqa Jerusalema.

54. Barutuwa ba hae, boJakobo le Johanne, yare ha ba bona hoo, ba re: Morena, na o rata ha re ka re, mollo o theohe lehodimong, o ba tjhese, jwalokaha Elia a entse le yena na?

55. Empa Jesu a reteleha, a ba kgalemela, a re: Ha le tsebe hoba le ba moya o jwang!

56. Hobane Mora motho o tlile, e seng ho timetsa meya ya batho, empa e le ho e pholosa. Ba ntoo fetela motsaneng o mong.

57. Yare ha ba tsamaya tseleng, motho e mong a re ho yena: Morena, ke tla o latela hohle moo o ka yang teng.

58. Empa Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le matlo; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho ya hae teng.

59. A re ho e mong: Ntatele. Empa eo a re: Morena, ako ntumelle, ke ye ho epela ntate pele.

60. Jesu a re ho yena: Lesa bafu ba epele bafu ba bona; haele wena, eya bolela mmuso wa Modimo.

61. E mong hape a re: Ke tla o latela, Morena; o mpe o ntumelle, ke ye ho dumedisa ba ntlo ya ka pele.

62. Empa Jesu a re ho yena: Ya beang letsoho la hae mohomeng, mme a boela a hetla, ha a tshwanele mmuso wa Modimo.