BIBELE e Halalelang

Luka 9:48-60 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

48. a re ho bona: E mong le e mong ya amohelang ngwana eo ka lebitso la ka, o amohela nna; mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng; hobane eo e leng e monyenyane ho lona bohle, ke yena eo e leng e moholo.

49. Yaba Johanne o bua, a re: Monghadi, re bone e mong ya lelekang batemona ka lebitso la hao, mme re mo hanetse, hobane ha a o latele hammoho le rona.

50. Empa Jesu a re ho yena: Le se ke la mo hanela; hobane ya sa re lwantsheng, o a re lwanela.

51. Yare matsatsi ao a tla nkelwa kganyeng ka wona ha a ntse a atamela, a itiisa ho ya Jerusalema.

52. A roma manqosa a mo etellang pele; bao ba tloha, ba kena motseng wa Basamaria, ho mo lokisetsa.

53. Empa ba teng ha ba ka ba mo amohela, kahobane sefahleho sa hae se ne se lebile nqa Jerusalema.

54. Barutuwa ba hae, boJakobo le Johanne, yare ha ba bona hoo, ba re: Morena, na o rata ha re ka re, mollo o theohe lehodimong, o ba tjhese, jwalokaha Elia a entse le yena na?

55. Empa Jesu a reteleha, a ba kgalemela, a re: Ha le tsebe hoba le ba moya o jwang!

56. Hobane Mora motho o tlile, e seng ho timetsa meya ya batho, empa e le ho e pholosa. Ba ntoo fetela motsaneng o mong.

57. Yare ha ba tsamaya tseleng, motho e mong a re ho yena: Morena, ke tla o latela hohle moo o ka yang teng.

58. Empa Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le matlo; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho ya hae teng.

59. A re ho e mong: Ntatele. Empa eo a re: Morena, ako ntumelle, ke ye ho epela ntate pele.

60. Jesu a re ho yena: Lesa bafu ba epele bafu ba bona; haele wena, eya bolela mmuso wa Modimo.