BIBELE e Halalelang

Luka 9:33-48 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Bao ba re ba sa tloha ho yena, Petrose a bolella Jesu, a re: Monghadi, ho molemo ha re ka dula mona; a re etseng metlotlwane e meraro; o mong e be wa hao, o mong e be wa Moshe, o mong e be wa Elia. O ne a sa tsebe seo a se bolelang.

34. Yare a sa rialo, leru la hlaha, la ba kgurumetsa; mme ba tshwarwa ke tshabo, ha bao ba kena lerung.

35. Yaba lentswe le tswa lerung, la re: Ke enwa Mora ka ya ratwang, mo utlweng.

36. Yare lentswe leo le sa bua, Jesu a sala a nnotshi. Barutuwa ba kgutsa, ba se ke ba bolella motho, mehleng eo, letho la tseo ba di boneng.

37. Yare hosasa, ha ba theoha thabeng, bongata bo boholo ba mo kgahlanyetsa.

38. Monna e mong ya hara bongata a howa, a re: Moruti, ke a o rapela, tadima mora ka; hobane o nnotshi ho nna.

39. O ka bona, moya o ye o mo tshware; ebe ke ha a se a bokolla; o mo sisinye haholo, o mo ntshise makweba, mme o hane ho mo tlohela, leha o se o mo tepeleditse hampe.

40. Ke rapetse barutuwa ba hao, ka re, ba o leleke; ba mpa ba sitwa.

41. Jesu a bua, a re: Wee! moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho le hokae na? ke tla le behela pelo ho le hokae na? Tlisa mora wa hao mona.

42. A re a sa tla, motemona a mo idibanya, a ba a mmipetsa; empa Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, mme a mo nea ntatae.

43. Mme bohle ba tsota borena bo matla ba Modimo.Bohle ha ba tsota tsohle tseo Jesu a di etsang, a bolella barutuwa ba hae, a re:

44. Le ikenye ditaba tsena ditsebeng tsa lona. Hobane Mora motho o ya neelwa matsohong a batho.

45. Empa ha ba ka ba utlwisisa polelo eo, ya ba sirela, hore ba se ke ba e utlwisisa, mme ba tshaba ho mmotsa hodima lentswe leo.

46. Ha hlaha kgang hara bona, ya ho tseba hore e moholo hara bona ke mang.

47. Eitse Jesu ha a bona mehopolo ya dipelo tsa bona, a nka ngwana, a mmea pela hae,

48. a re ho bona: E mong le e mong ya amohelang ngwana eo ka lebitso la ka, o amohela nna; mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng; hobane eo e leng e monyenyane ho lona bohle, ke yena eo e leng e moholo.