BIBELE e Halalelang

Luka 9:23-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. A ba a bolella bohle, a re: Ekare ha e mong a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae ka tsatsi le leng le le leng, mme a ntshale morao.

24. Hobane ya ratang ho boloka bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona; empa ya timellwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, ke yena ya tla bo boloka.

25. Molemo ho motho e ka ba eng, leha a rua lefatshe kaofela, ha a itimetsa, leha a itahla?

26. Hobane e mong le e mong ya hlajwang ke dihlong ka nna le ka ditaba tsa ka, Mora motho le yena o tla mo hlabelwa ke dihlong, mohla a tlang ka kganya ya hae, le ya Ntatae, le ya mangeloi a halalelang.

27. Kannete, ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona, ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone mmuso wa Modimo.

28. Kamora taba tseo, hobane ho fete matsatsi a batlang ho roba meno e le mmedi, Jesu a ya le Petrose, le Johanne, le Jakobo, a nyolohela thabeng ho rapela.

29. A re a sa ntse a rapela, ponahalo ya sefahleho sa hae ya fetoha, mme diaparo tsa hae tsa sweufala, tsa kganya.

30. Banna ba babedi ba eba teng moo, ba buisana le yena, e le Moshe le Elia,

31. ba hlahile ka kganya; ba ne ba bolela lefu la hae, leo a tla le phetha Jerusalema.

32. Empa Petrose, le ba nang le yena, ba ne ba tshwerwe ke boroko. Yare ha ba tsoha, ba bona kganya ya hae, le banna ba babedi ba nang le yena.

33. Bao ba re ba sa tloha ho yena, Petrose a bolella Jesu, a re: Monghadi, ho molemo ha re ka dula mona; a re etseng metlotlwane e meraro; o mong e be wa hao, o mong e be wa Moshe, o mong e be wa Elia. O ne a sa tsebe seo a se bolelang.

34. Yare a sa rialo, leru la hlaha, la ba kgurumetsa; mme ba tshwarwa ke tshabo, ha bao ba kena lerung.

35. Yaba lentswe le tswa lerung, la re: Ke enwa Mora ka ya ratwang, mo utlweng.

36. Yare lentswe leo le sa bua, Jesu a sala a nnotshi. Barutuwa ba kgutsa, ba se ke ba bolella motho, mehleng eo, letho la tseo ba di boneng.

37. Yare hosasa, ha ba theoha thabeng, bongata bo boholo ba mo kgahlanyetsa.

38. Monna e mong ya hara bongata a howa, a re: Moruti, ke a o rapela, tadima mora ka; hobane o nnotshi ho nna.