BIBELE e Halalelang

Luka 9:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jesu a bokella barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba fa matla le borena ho hlola batemona bohle, le ho fodisa malwetse.

2. A ba roma ho bolela mmuso wa Modimo, le ho fodisa ba kulang;

3. a re ho bona: Le se ke la nkela tsela letho, leha e le mare, leha e le mokotla, kapa bohobe, kapa tjhelete, le hona le se ke la ba le dikobo tse pedi.

4. Ntlo efe le efe eo le tla kena ho yona, le dule teng, le be le tlohe teng.

5. Haele bohle ba sa le amoheleng, etlare ha le etswa motseng oo, le hlohlore lerole la dieta tsa lona, e be bopaki ho bona.

6. Yaba ba tswa, ba ya le metse le metsana, ba bolela Evangeli, ba fodisa batho kahohle.

7. Heroda moteterareke a utlwa tsohle tse entsweng ke Jesu, mme a tsieleha, hobane ba bang ba ne ba re: Johanne o tsohile bafung,

8. ba bang ba re: Elia o hlahile; mme ba bang ba re: E mong wa baporofeta ba kgale o tsohile bafung.

9. Empa Heroda o ne a re: Haele Johanne ke mo kgaotse hlooho, nna; mme jwale, eo ke mang eo ke utlwang ditaba tse kalo hodima hae? Mme o ne a rata a ka mmona.

10. Yare ha baapostola ba kgutlile, ba bolella Jesu tsohle tseo ba di entseng; mme a ba nka le yena, a ya le bona kathoko, lefeelleng le bapileng le motse o bitswang Bethsaida.

11. Eitse hobane batho ba tsebe, ba mo latela. Jesu a ba amohela, a ba bolella taba tsa mmuso wa Modimo, mme a fodisa ba batlang phodiso.

12. Letsatsi ha le qala ho rapama, ba leshome le metso e mmedi ba tla, ba re ho yena: Kgutlisa bongata, ba tle ba ye metseng le metsaneng e re teetseng hare, mme ba bone dijo teng, hobane mona re feelleng.

13. Empa a re ho bona: Ba fepeng, e le lona. Ba re: Re na le mahobe a mahlano feela le dihlapi tse pedi; haese hore e be rona re ka yang ho rekela setjhaba sena sohle dijo!

14. Hobane e ne e batla ho ba banna ba dikete tse hlano. Yaba o re ho barutuwa ba hae: Ba dudiseng ka dihlopha tsa ba mashome a mahlano.