BIBELE e Halalelang

Luka 8:46-56 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

46. Empa Jesu a re: E mong o nkamile, hobane ke tsebile hoba matla a mang a tswile ho nna.

47. Yare mosadi eo ha a bona hobane ha a ka a pateha, a tla ka ho thothomela, a itihela pela hae, a bolela pontsheng ho batho kaofela seo a mo amileng ka baka la sona, le kamoo a phakisitseng a fodiswa kateng.

48. Jesu a re ho yena: Beta pelo, moradi wa ka; tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso.

49. A re a sa bua, ha fihla e mong ya tswang ha mmusi wa sinagoge, a re ho yena: Moradi wa hao o shwele; o se ke wa kgathatsa moruti.

50. Empa Jesu ha a utlwa, a mo araba, a re: Se tshohe, dumela feela, mme o tla pholoha.

51. Eitse ha a fihlile tlung, a se ke a dumella le a mong ho kena, haese Petrose le Jakobo le Johanne, le ntata ngwanana le mmae.

52. Ba ne ba lla kaofela, ba mo llela; empa Jesu a re: Se lleng; ha a shwa, o mpa a robetse.

53. Mme ba mo tsheha, hobane ba ne ba tseba hoba o shwele.

54. Empa yena a ba ntshetsa bohle kantle, a mo tshwara letsoho, a phahamisa lentswe, a re: Ngwanana, tsoha.

55. Yaba moya wa hae o kgutlela ho yena, a tsoha kapele. Jesu a laela hore ba mo fe dijo.

56. Batswadi ba hae ba tsota; a mpa a ba laela hore ba se ke ba bolella motho se entsweng.