BIBELE e Halalelang

Luka 8:38-46 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

38. Monna eo batemona ba tswileng ho yena a mo rapela, hore a mo dumelle ho ya le yena; empa Jesu a mo kgutlisa, ka ho re:

39. Boela tlung ya hao, o bolele tse kgolo tseo Modimo o o etseditseng tsona. A ya, a bolella ba motse kaofela tseo a di etseditsweng ke Jesu.

40. Eitse hobane Jesu a kgutle, a amohelwa ke bongata; hobane ba ne ba mo lebeletse bohle.

41. Jwale, bonang, ha tla monna ya bitswang Jairuse, eo e leng mmusi wa sinagoge; a itihela maotong a Jesu, a mo rapela hore a kene tlung ya hae;

42. hobane o ne a ena le ngwanana a le mong, eo dilemo tsa hae di batlileng ho ba leshome le metso e mmedi, ya neng a le makgatheng a ho shwa. Yare ha Jesu a sa ya, a petetswa ke batho.

43. Yaba mosadi ya neng a kula ke phallo ya madi e se e le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ya neng a neile dingaka dintho tsa hae kaofela, a sa ka a fodiswa le ke e nngwe,

44. o atamela Jesu kamorao, a ama qola ya seaparo sa hae; yaba phallo ya hae ya madi e kgaotsa hang.

45. Jesu a re: Ke amilwe ke mang na? Ha ba latola bohle, Petrose le ba nang le yena ba re: Monghadi, bongata bo o peteditse, bo a o hatella, mme o bolela jwang, ha o re: Ke amilwe ke mang?

46. Empa Jesu a re: E mong o nkamile, hobane ke tsebile hoba matla a mang a tswile ho nna.