BIBELE e Halalelang

Luka 8:36-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

36. Ba boneng ba ba phetela kamoo ya neng a kile a ba le batemona a fodisitsweng kateng.

37. Yaba batho bohle ba kamathoko a naha ya Bagergesene ba rapela Jesu hore a tlohe ho bona; hobane ba ne ba tshwerwe ke tshabo e kgolo. Haele yena a kena sekepaneng, a kgutla.

38. Monna eo batemona ba tswileng ho yena a mo rapela, hore a mo dumelle ho ya le yena; empa Jesu a mo kgutlisa, ka ho re:

39. Boela tlung ya hao, o bolele tse kgolo tseo Modimo o o etseditseng tsona. A ya, a bolella ba motse kaofela tseo a di etseditsweng ke Jesu.

40. Eitse hobane Jesu a kgutle, a amohelwa ke bongata; hobane ba ne ba mo lebeletse bohle.