BIBELE e Halalelang

Luka 8:18-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Ka baka leo, bonang kamoo le utlwang kateng; hobane ho tla newa ya setseng a ena le ntho; empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a lekanyang hoba o na le sona.

19. Jwale, mmae le banababo ba tla ho yena; empa ba sitwa ho mo atamela ka baka la bongata.

20. A tsebiswa, ha thwe: Mmao le banabeno ba eme kantle, ba rata ho o bona.

21. Empa a araba, a re ho bona: Mme le banabeso ke ba utlwang lentswe la Modimo, ba etsang ka lona.

22. Ka tsatsi le leng, a kena sekepaneng le barutuwa ba hae; a re ho bona: A re tsheleleng mose wane. Mme ba tloha.

23. Ba re ba sa ya, a ithoballa; mme sefefo sa moya sa ba tsohela letsheng, sekepana se ne se tlala metsi, mme ba ne ba tsielehile.

24. Yaba ba atamela, ba mo tsosa borokong, ba re: Monghadi, Monghadi, re a timela! Empa yena hobane a tsohe, a kgalemela moya le maqhubu a metsi; mme a kgutsa, ha esa hantle.

25. A ba a re ho bona: Tumelo ya lona e kae? Ba mpa ba tshaba, ba makala, ba bolellana, ba re: Na enwa ke mang, ha a laela le yona meya le metsi, mme di mo utlwe?

26. Ba fihla naheng ya Bagergesene, e tadimaneng le Galelea.

27. Yare ha Jesu a theohetse fatshe, a kgahlanyetswa ke monna e mong wa motse, ya nang le batemona; e ne e se e le kgale a sa apare kobo, a sa dule le tlung, empa a le mabitleng.

28. Eitse ha a bona Jesu, a howa, a itihela pela hae, a re ka lentswe le leholo: Taba ya ka le wena ke efe, Jesu, Mora Modimo o hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa.

29. A rialo kahobane Jesu a ne a laela moya o ditshila ho tswa mothong eo. Hobane e ne e se e le kgale o mo tshwere; mme o ne a kile a holehuwa ka mahlaahlela, a tlangwa maoto ka ditshepe; empa o ne a robile ditlamo tseo, a susumeletswa feelleng ke motemona.

30. Jesu a mmotsa, a re: Lebitso la hao o mang? A re: Ke Legione. Hobane batemona ba bangata ba ne ba kene ho yena.

31. Ba mo rapela, ba re, a se ke a ba laela ho ya sekoting.

32. Mohlape wa dikolobe tse ngata o ne o le teng moo, o fula thabeng; ba mo rapela, ba re, a ba dumelle, ba kene ho tsona, a ba a ba dumelle, ba kene ho tsona, a ba a ba dumella.

33. Jwale, batemona ba tswa mothong eo, ba kena dikolobeng; mme mohlape wa mathela selomong, wa itihela letsheng, mme wa bipelwa.

34. Yare ba di alositseng, ha ba bona ho entsweng, ba baleha, mme ba ya bolela motseng le naheng.

35. Yaba batho ba tswela ho ya bona ho entsweng; ba fihla ho Jesu, ba fumana motho eo batemona ba tswileng ho yena a dutse maotong a Jesu, a apere, a ena le ditaba: mme ba tshaba.

36. Ba boneng ba ba phetela kamoo ya neng a kile a ba le batemona a fodisitsweng kateng.