BIBELE e Halalelang

Luka 8:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora tseo, a nna a ya le metse le metsana, a ntse a ruta, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo; ba leshome le metso e mmedi ba ya le yena.

2. le basadi ba bang, ba neng ba fodisitswe meya e mebe le malwetse: e le Maria, ya bitswang Magdalena, eo batemona ba supileng ba neng ba tswile ho yena;

3. le Johanna, mosadi wa Khusa, qhoku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata ba neng ba sebeletsa Jesu ka tseo ba nang le tsona.

4. Yare ha bongata ba boholo ba batho ba tswang metseng bo phuthehetse ho yena, a bua le bona ka setshwantsho, a re:

5. Mojadi o ne a tswile ho ya jala dijalo tsa hae; eitse ha a ntse a jala, dijalo tse ding tsa wela pela tsela; tsa hatwa ke batho, mme dinonyana tsa lehodimo tsa di ja kaofela.

6. Tse ding tsa wela majweng; tsa mela, tsa ba tsa pona ke ho hloka leswe.

7. Tse ding tsa wela hara meutlwa; meutlwa ya mela hammoho le tsona, ya di pupetsa.

8. Tse ding tsa wela mobung o motle; tsa mela, tsa beha ha lekgolo. Yare hobane a bolele tseo, a howa, a re: Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.