BIBELE e Halalelang

Luka 7:6-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Yaba Jesu o ya le bona. Ha a se a le haufi le ntlo, molaodi wa lekgolo a roma metswalle ya hae ho yena, ho re ho yena: Morena, o se ke wa ikgathatsa; hobane ha ke a tshwanela hore o kene tlung ya ka.

7. Ke ka baka leo ke itekantseng ya sa tshwaneleng ho ya ho wena; o mpe o bue polelo, mme mohlanka wa ka o tla fola.

8. Hobane le nna, ke leng motho ya laolwang ke ba bang, ke na le bahlabani ba katlase ho nna; ha ke re ho e mong: Eya, o a ye: Le ho e mong: Tloo, o a tle; le ho mohlanka wa ka: Etsa hoitseng, o a ho etse.

9. Eitse ha Jesu a utlwa taba tseo, a mo tsota; mme a retelehela ho bongata bo mo latetseng, a re: Ke a le bolella, ke re: Ha ke eso ho bone tumelo e kalo, le Iseraeleng.

10. Ba neng ba romilwe, yare ha ba kgutletse hae, ba fihlela mohlanka ya neng a kula, a se a fodile.

11. Yare ka tsatsi le hlahlamang, a etela motseng o bitswang Naine; barutuwa ba bangatanyana ba hae ba ne ba mo latela le bongata bo boholo ba batho.

12. Yare ha a atamela kgoro ya motse, ha bo ho jerwe mofu, ngwana ya nnotshi wa mmae, le hona mosadi eo e le mohlolohadi; o ne a latetswe ke bongata bo boholo ba batho ba motse.

13. Eitse ha Morena a mmona, a mo utlwela bohloko, a ba a re ho yena: Se lle.

14. Mme a atamela, a ama mojaro wa mofu. Yaba ba mo jereng ba ema. A re: Mohlankana, ke re ho wena: Tsoha!

15. Yaba mofu o a dula, a qala ho bua; mme Jesu a mo nea mmae.

16. Mme bohle ba tshwarwa ke tshabo, ba rorisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; Modimo o etetse setjhaba sa wona.

17. Taba eo a bolelwang ka yona ya tuma Judea yohle le naheng yohle e kamathoko.

18. Taba tseo kaofela tsa phetelwa Johanne ke barutuwa ba hae.

19. Yaba Johanne o bitsa barutuwa ba hae ba babedi, a ba romela ho Jesu, a re: Nake wena ya boletsweng, ho thwe, o tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?

20. Banna bao, ha ba fihla ho yena, ba re: Johanne Mokolobetsi o re romile ho wena, a re: Na ke wena ya boletsweng, ho thwe, o tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?

21. Ka yona nako eo, Jesu o ne a fodisa ba bangata malwetse, le mafu a bona, le meya e mebe, mme ba bangata ba neng ba foufetse o ne a ba sitsa ka pono.

22. Yaba Jesu o araba, a re ho bona: Eyang, le tsebise Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng: difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme Evangeli e bolellwa mafutsana.