BIBELE e Halalelang

Luka 7:42-50 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

42. Yare ha ba hloka seo ba ka lefang ka sona, a ba tlohella molato ba babedi. Ako bolele hore ke ofe ho bona ya tla mo rata haholo.

43. Simone a mo araba, a re: Nka re: Ke ya tloheletsweng ho hoholo. Jesu a re ho yena: O ahlotse hantle.

44. Yaba o retelehela ho mosadi, a re ho Simone: Mosadi enwa o a mmona na? Ke kene tlung ya hao, mme ha o a ka wa nnea metsi ho itlhatswa maoto; empa enwa o kolobisitse maoto a ka ka meokgo, o a hlakotse ka moriri wa hlooho ya hae.

45. Ha o a ka wa nkaka; empa enwa, esale a kena, ha a ka a phetsa ho aka maoto a ka.

46. Ha o a ka wa ntlotsa hlooho ka ole; empa enwa o tlotsitse maoto a ka ka setlolo,

47. ka baka leo, ke re ho wena: Dibe tse ngata tsa hae o di tshwaretswe; ke ka baka leo a ratileng haholo; empa ya tlohellwang ho honyenyane, o rata hanyenyane.

48. Yaba o re ho mosadi: O tshwaretswe dibe tsa hao.

49. Ba dutseng le yena dijong ba qala ho ipuella, ba re: Enwa ke mang, ha a bile a tshwarela batho dibe?

50. Jesu a mpa a re ho mosadi: Tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso.