BIBELE e Halalelang

Luka 7:30-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Empa bafarisi le baruti ba molao ba itshenyeleditse morero wa Modimo, ha ba sa ka ba kolobetswa ke yena.

31. Yaba Morena o re: Batho ba moloko wona ke tla ba lekanya le eng? ba tshwana le eng?

32. Ba tshwana le bana ba dutseng lepatlelong, ba howanang, ba re: Re le teetse phala, mme ha le a ka la etsa tjhao; re le binetse mahlomola, mme ha le a ka la lla.

33. Hobane Johanne Mokolobetsi o tlile a sa je bohobe, a sa nwe veine, mme le re: O na le motemona.

34. Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme le re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe.

35. Empa bohlale bo ipaketswe ke bana ba jona bohle.

36. Mofarisi e mong a mo rapela hore a tle ho ja le yena, mme Jesu a kena ka tlung ya mofarisi, a dula dijong.

37. Mme bonang, mosadi wa motse, eo e neng e le moetsadibe, yare ha a utlwa hobane o dutse dijong tlung ya mofarisi, a tlisa pitsa ya alebastera, e tletseng setlolo.